Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.
Numere 16:42 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova. BIBELE Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa. |
Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.
Ha ho esa, le tla bona kganya ya Jehova; hobane o utlwile kamoo le dumadumetseng Jehova kateng. Na rona re bomang, le ka re ngangisang?
Kganya ya Jehova ya dula thabeng ya Sinai, mme leru la e apesa ka matsatsi a tshseletseng; ka la bosupa, a bitsa Moshe a le lerung.
Moshe le Aarone ba kena tenteng ya pokano, mme ha ba etswa ho yona, ba hlohonolofatsa setjhaba. Yaba kganya ya Jehova e iponahatsa ho setjhaba kaofela.
Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.
Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.
Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba ya monyako wa tente ya pokano. Ba wa ka difahleho tsa bona; mme kganya ya Jehova ya ba hlahela.