Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.
Numere 16:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona. BIBELE Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.” |
Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.
Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!
Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.
Yaba Moshe o a ema, a ya ho boDathane le Abirame; mme baholo ba Iseraele ba mo sala morao.
E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.
Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.
Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,
Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,
O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.
Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.