Numere 15:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) hore le tle le hopole, mme le etse melao ya ka kaofela, mme le kgethehele Modimo wa lona. BIBELE Ka mokgwa o jwalo, hopolang melao ya ka yohle, le e phethe, mme le tla halalela ho Modimo wa lona. |
Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.
Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.
kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.
ke ngolla baena ba leng ho Jesu Kreste, bahalaledi le badumedi ba Kolose, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.