Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;
Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.
A hlaba mahlabelo aletareng eo a e entseng Bethele ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya boroba meno e le mmedi, e leng kgwedi eo a e hopotseng e le yena, mme a etsetsa bana ba Iseraele mokete, a hlaba mahlabelo aletareng, a tjhesa le dibano.
E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.
Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;
Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.
Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,
E mong ha a utlwile dipolelo tsa thohako ya kano ena ya lona, ekare ha a ka ithorisa pelong ya hae, a re: Ke tla ba le kgotso, leha ke tsamaya kamoo pelo ya ka e thata e lakatsang kateng, hore ke timetse se noseditsweng le se omileng;
Iponeleng, esere la lebala selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a se entseng le lona, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sa tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hanetseng le tsona.
Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.