Hape, moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang lefatsheng le hole ka baka la lebitso la hao,
Numere 15:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le tle le be le molao o le mong bakeng sa ya ka sitwang ka ho se tsebe, kapa ke ya tswetsweng hara bana ba Iseraele, kapa ke moditjhaba ya aheletseng hara lona. BIBELE Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona. |
Hape, moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang lefatsheng le hole ka baka la lebitso la hao,
Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.
Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.
Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:
Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.
Moprista o tla etsa pheko bakeng sa motho ya sitetsweng Jehova ka ho se tsebe; hobane a etsetswe pheko o tla tshwarelwa.
Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.
Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno.
Empa ya sa kang a tseba, mme a entse ditaba tse tshwanelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. E mong le e mong ya neilweng haholo, ho tla batlwa haholo ho yena; mme ya laeleditsweng haholo, ho tla botswa haholo ho yena.
Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le matona a bona, le baahlodi ba bona ba ema ka nqa tse pedi ho areka, mabapa le baprista, e leng Balevi ba jereng areka ya selekane sa Jehova, hammoho le baditjhaba, le Baiseraele ba hlaho; sehlopha se seng se ne se lebane le thaba ya Gerisime, sehlopha sa bobedi se lebane le thaba ya Ebale, kamoo Moshe, mohlanka wa Jehova, a neng a laetse kateng kgale, hore ba hlohonolofatse setjhaba.