Numere 15:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, le sa ka la phetha melao kaofela eo Jehova a e boleletseng Moshe, BIBELE “ ‘Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe; |
Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:
Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.
Ha ekaba ke motho feela wa setjhaba ya entseng sebe ka ho se tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa, o entse molato.
Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa motho eo pheko ka baka la sebe seo a se entseng tabeng e nngwe ya tseno, mme o tla tshwarelwa. Se setseng e tla ba sa moprista, jwaloka ha ho etswa ka nyehelo.
tsohle tseo Jehova a le laetseng tsona ka molomo wa Moshe, haesale e le letsatsing leo Jehova a le laetseng tsona, ho isa melokong yohle ya lona;
Empa ya sa kang a tseba, mme a entse ditaba tse tshwanelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. E mong le e mong ya neilweng haholo, ho tla batlwa haholo ho yena; mme ya laeleditsweng haholo, ho tla botswa haholo ho yena.