hobane baditjhaba ba tla fela ba utlwe lebitso la hao le leholo, le letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng — ha a ka tla, a rapela tlung ena;
Numere 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha motho wa ditjhaba a aheletse hara lona, kapa a tla nne a ahe hara lona kamehla, ha a rata ho hlahisa sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova, a etse kamoo lona le etsang kateng. BIBELE Haeba mojaki ya jakileng hara lona, kapa mang kapa mang ya jakileng hara lona melokong ya lona, a rata ho nyehella Morena ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, o tla etsa jwalokaha le etsa. |
hobane baditjhaba ba tla fela ba utlwe lebitso la hao le leholo, le letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng — ha a ka tla, a rapela tlung ena;
Motho e mong le e mong wa ntlo ya Iseraele, kapa wa baditjhaba ya ahileng Iseraeleng, ya tlang ho hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho phetha kano, leha e le nyehelo ka ho ithatela,
Le se ke la amohela tse jwalo matsohong a baditjhaba ho etsa ka tsona sejo sa Modimo wa lona, hobane di holofetse, di na le dikodi; di ke ke tsa dumellwa ke hona.
Bohle ba tswaletsweng ha eno, ba nno etsa dintho tseo jwalo, mohla ba hlahisang sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.