Ba tloha thabeng ya Jehova; ba tsamaya ka matsatsi a mararo; mme areka ya selekane sa Jehova ya ba etella pele sebaka sa matsatsi a mararo, e ba batlele moo ba tla phomola teng.
Numere 14:44 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ho le jwalo, ba phehella ho hlwella qhoweng ya thaba; empa areka ya selekane sa Jehova ha e a ka ya tloha diahelong, le yena Moshe ha a ka a tloha. BIBELE Empa ba nna ba pheella ho nyolohela tlhorong ya thaba, feela areka ya selekane, mmoho le yena Moshe, ya se ke ya tswa diahelong. |
Ba tloha thabeng ya Jehova; ba tsamaya ka matsatsi a mararo; mme areka ya selekane sa Jehova ya ba etella pele sebaka sa matsatsi a mararo, e ba batlele moo ba tla phomola teng.
etswe Baamaleke le Bakanana e le bao pela lona, mme le tla timela ka lerumo, kahobane le furaletse Jehova, mme Jehova a ke ke a ba le lona.
Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.
Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.
Ka le bolella jwalo, la mpa la hana ho utlwa; la ikgantshetsa taelo ya Jehova; la etsa ka boikgohomoso, mme la nyolohela thabeng.