Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.
a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.
Leha ho le jwalo, ba phehella ho hlwella qhoweng ya thaba; empa areka ya selekane sa Jehova ha e a ka ya tloha diahelong, le yena Moshe ha a ka a tloha.
Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.
Ke kahoo bana ba Iseraele ba sitwang ho ema pela dira tsa bona, ba baleha pela dira tsa bona, ke hobane ba fetohile ba entsweng anathema. Nke ke ka hlola ke eba le lona, ha le sa fedise anathema e hara lona.
A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.