La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 14:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le se ke la nyolohela teng, hobane Jehova ha a yo hara lona, le tle le se ke la qhalanngwa pela dira tsa lona;

Ver Capítulo

BIBELE

Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola.

Ver Capítulo



Numere 14:42
9 Referencias Cruzadas  

a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


o thithibantse bohale ba lerumo la hae, mme ha o a ka wa mo tiisa ntweng.


etswe Baamaleke le Bakanana e le bao pela lona, mme le tla timela ka lerumo, kahobane le furaletse Jehova, mme Jehova a ke ke a ba le lona.


Jehova a re ho nna: E re ho bona: Le ke ke la nyoloha, mme le ke ke la lwana, hobane ha ke yo hara lona; le se ke la ya hlolwa ke dira tsa lona.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Ke kahoo bana ba Iseraele ba sitwang ho ema pela dira tsa bona, ba baleha pela dira tsa bona, ke hobane ba fetohile ba entsweng anathema. Nke ke ka hlola ke eba le lona, ha le sa fedise anathema e hara lona.


Oho, Morena, ana ke tla reng haele moo Baiseraele ba balehile pela dira tsa bona?


A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.