Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.
Numere 14:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona. BIBELE ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona. |
Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.
ha se ka etsa bobe pela ka, sa hana le ho utlwa lentswe la ka, le nna ke tla kgutla molemong oo ke neng ke boletse hore ke tla o etsetsa sona.
Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;
Hara bona ho ne ho se le a mong wa bana ba Iseraele bao Moshe le moprista Aarone ba neng ba badile palo ya bona feelleng la Sinai.
Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.
Batho bana ba tswileng Egepeta, ho qala ka ya nang le dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo, ba ke ke ba bona naha eo ke hlapantseng, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; hobane ha ba ka ba nkgomarela hantle;
Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.
Empa haele rona ba dumetseng, re tla kena phomolong, kamoo o itseng kateng: Ka baka leo ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka! Athe mesebetsi ya Modimo esale e phetheha popong ya dintho tsohle.