‘Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.’
ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.
O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.
O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.
A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla.
Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.
O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;
Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;