Ba nyefola hara bana ba Iseraele naha eo ba neng ba ile ho e lekola, ba re: Naha eo re e haotseng ho e hlwela ke naha e jang baahi ba yona; batho bohle bao re ba boneng teng, ke batho ba seemo se selelele;
Ba bolella bana ba Iseraele ditaba tse mpe ka naha eo ba neng ba ilo e hlwela, ba re: “Naha eo re neng re ilo e hlwela ke naha e matswatlare. Batho bohle bao re ba boneng ke banna ba diqhobane.
Hapehape, ntwa e nngwe ya lwana Gathe; teng, ha hlaha monna e molelele eo seatla se seng le se seng sa hae se nang le menwana e tsheletseng, le leoto le leng le le leng la hae le nang le menwana e tsheletseng, e etsa mashome a mabedi a metso e mene ha e balwa. Le yena e ne e le wa mofuta wa Barefaime.
Hapehape, ntwa ya lwana Gathe. Teng, ho ne ho na le monna e molelele, eo letsoho la hae le leng le le leng le leoto le leng le le leng le neng le na le menwana e tsheletseng, e etsa mashome a mabedi a metso e mene; le yena e ne e le wa mofuta wa Barefaime.
Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.
Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.