Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.
Numere 13:31 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa banna ba neng ba ile le yena ba ne ba re: Ha ho kamoo re ka nyolohang ho ya lwantsha batho bao kateng, hobane ba re feta ka matla. BIBELE Empa banna ba neng ba ile le yena ba re: “Re tla sitwa ho nyoloha ho ya lwantsha setjhaba seo, hobane se matla ho re feta.” |
Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.
A ke ka baka lang le ratang ho nyebisa bana ba Iseraele ho tshelela naheng eo Jehova a ba neileng yona?
Ba nyoloha ho fihlela sekgutlong sa Eshkole; eitse hobane ba hlwele naha, ba nyebisa bana ba Iseraele ho ya naheng eo Jehova a neng a ba neile yona.
Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.
Iseraele, mamela! Kajeno o tla tshela Jordane ho ya rua ditjhaba tse o fetisang ka bongata le ka matla, le metse e meholo e nang le marako a malelele ho isa lehodimong.
athe banabeso, bao re neng re ile le bona, ba nyahamisitse setjhaba pelo; empa nna ka latela Jehova, Modimo wa ka, kahohle.
Saule a re ho Davida: O ke ke wa lwana le Mofilesta eo, etswe o sa le mohlankanyana; yena ke monna wa ntwa haesale le botjheng ba hae.