Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.
Numere 12:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng. BIBELE Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.” |
Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.
Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.
Empa ha setlapedi se sesweu se sa bonahale hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o sa ka wa sweufala, moprista o tla kwalla mobabi tlung ka matsatsi a supileng.
Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.
mosadi wa ngwanabo o tla mo atamela pontsheng ya baholo, a mo role seeta leotong la hae, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, mme a bolele, a re: Ho etswa jwalo ho monna ya hanang ho haha ntlo ya ngwanabo.
Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?