Numere 11:31 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a fokisa moya o tlisang dikwekwe tse tswang ka nqa lewatleng, wa di dihela fatshe pela diahelo, sebaka se ka bang sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe, le sebaka sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe hape, ka nqa tsohle ho diahelo. Ho teteana ha tsona, ho tloha fatshe, e ne e batla e le ditswe tse pedi. BIBELE Ha tsoha moya o tswang ho Morena, wa tlisa dikwekwe tse tswang lewatleng; wa di hasanya diahelong, le ho potapota. Bonamo ba sebaka seo di neng di se kwahetse, ho tloha mahlakoreng wohle a diahelo, e ne e le sa leeto la letsatsi ho tloha diahelong; di ne di fofa, di phahametse lefatshe ka bophahamo bo ka etsang methara e le nngwe. |
Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;
Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodima naha ya Egepeta, mme Jehova a fokisa moya wa botjhabela lefatsheng ka tsatsi leo lohle le ka bosiu boo bohle; ha bo esa, moya wa botjhabela wa fihlisa tsie.
Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.
O budutse ka moya wa hao, lewatle le ba aparetse, o ba tebetse jwaloka loto metsing a tshabehang.
Yare mantsiboya, dikwekwe tsa nyoloha, tsa aparela diahelo, mme ka hosasa, phoka ebe e letse e dikadikeditse diahelo.