Le tla tseba hobane ke hara Iseraele, le hoba nna, Jehova, ke Modimo wa lona, mme ha ho e mong; setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.
Numere 11:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a re: Na o a mpoulella na? O! hoja setjhaba kaofela sa Jehova se ka fela sa porofeta, mme Jehova a bea moya wa hae hodima bona! BIBELE Empa Moshe a re ho yena: “Na o ntjhwela mona? Eka batho bohle ba Morena e ka be e le baporofeta, Morena a theolele Moya wa hae hodima bona.” |
Le tla tseba hobane ke hara Iseraele, le hoba nna, Jehova, ke Modimo wa lona, mme ha ho e mong; setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.
A ba a re ho bona: Kotulo e kgolo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona monga kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.
Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.
Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mona; lerato ha le na boikgantsho; ha le ikgohomose.
Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.
hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?
Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.
Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?
Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.
Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;
Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.