Ho ne ho setse banna ba babedi diahelong, lebitso la e mong e le Eldade, la e mong e le Medade, mme moya wa dula hodima bona; leha e ne e le ba kgethilweng, ba ne ba sa ka ba ya tenteng; mme ba porofeta diahelong.
Numere 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba mohlankana e mong o titima, a bolella Moshe, a re: BoEldade le Medade ba porofeta diahelong. BIBELE Mohlankanyana a matha, a bolella Moshe, a re: “Bo-Eledade le Medade ba ntse ba porofeta ka diahelong!” |
Ho ne ho setse banna ba babedi diahelong, lebitso la e mong e le Eldade, la e mong e le Medade, mme moya wa dula hodima bona; leha e ne e le ba kgethilweng, ba ne ba sa ka ba ya tenteng; mme ba porofeta diahelong.
Joshua, mora Nune, e neng e le mohlanka wa Moshe haesale botjheng ba hae, a bua, a re: Morenaka, Moshe, ba thibele!
Jwale Johanne a bua le yena, a re: Moruti, re bone e mong ya sa re lateleng a leleka batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, kahobane a sa re latele.
Yaba Johanne o bua, a re: Monghadi, re bone e mong ya lelekang batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, hobane ha a o latele hammoho le rona.