A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.
Numere 11:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o a tswa, a phetela setjhaba mantswe a Jehova; a kgetha ho baholo ba setjhaba banna ba mashome a supileng, mme a ba emisa ba teela tente hare. BIBELE Moshe a tswa, a bolella setjhaba mantswe a Morena. A phutha banna ba mashome a supileng ba bao e leng baholo ba setjhaba, a ba emisa ho potapota Tente ya Morena. |
A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.
Ho ne ho setse banna ba babedi diahelong, lebitso la e mong e le Eldade, la e mong e le Medade, mme moya wa dula hodima bona; leha e ne e le ba kgethilweng, ba ne ba sa ka ba ya tenteng; mme ba porofeta diahelong.