La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 11:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Na ba tla hlabelwa manku le makgomo, hore a ba lekane na? Na ba tla bokellelwa dihlapi tsohle tsa lewatle hore di ba lekane na?

Ver Capítulo

BIBELE

Na ba tla hlabelwa mehlape ya dinku le ya dikgomo hore e ba lekane? Kapa ebe ba tla tshwasetswa ditlhapi tsohle tsa lewatle, hore di tle di ba lekane?”

Ver Capítulo



Numere 11:22
11 Referencias Cruzadas  

Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Na ke tla nka kae nama, ke tle ke fe setjhaba sena sohle; hobane bohle ba itelela ho nna, ba re: Re fe nama, re tle re je!


Moshe a re: Setjhabeng seo ke leng hara sona, ho na le banna ba dikete tse makgolo a tsheletseng, mme o re: Ke tla ba fa nama, mme ba tla e ja ka kgwedi e tletseng.


Jehova a re ho Moshe: A letsoho la Jehova le honyeditswe na? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka ho wena le tla etsahala, kapa tjhe.


Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?


A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?


Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: Ba ka batlelwa kae mahobe ao ba ka a kgorang feelleng lena?


Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse.


Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?


Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo?