Numere 1:38 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bara ba Dane, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo. BIBELE Ha balwa bana ba Dane ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. |
Ba ngotsweng ba leloko la Benjamine ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.
Ba ngotsweng ba leloko la Dane ya eba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, tse nang le makgolo a supileng.
Ka nqa leboya, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Dane, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Dane, Akiesere, mora Ammishaddai,