Empa ntatae a hana, a re: Ke a tseba, mora ka, ke a tseba! le yena e tla ba setjhaba, le yena o tla ba moholo; leha ho le jwalo, moenae o tla ba moholo ho yena, mme ditloholo tsa hae e tla ba letshwele la ditjhaba.
Numere 1:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ngotsweng ba leloko la Efraime ya eba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano. BIBELE Ba morabe wa Efraime ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano. |
Empa ntatae a hana, a re: Ke a tseba, mora ka, ke a tseba! le yena e tla ba setjhaba, le yena o tla ba moholo; leha ho le jwalo, moenae o tla ba moholo ho yena, mme ditloholo tsa hae e tla ba letshwele la ditjhaba.
Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
Haele bara ba Josefa, ho bara ba Efraime ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
Ho bara ba Manasse, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano.
Ke wona matlo a bara ba Efraime, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi tse nang le makgolo a mahlano. Ke bona bara ba Josefa, ka matlo a bona.
Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.