Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.
Moeklesia 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) O se ke wa phaka wa tloha pela hae, o se ke wa tiisetsa nthong e mpe, hobane o etsa hohle ho mo kgahlisang; BIBELE Le se no potlakela ho tloha kapele ho kgosi, le se ke la ngangella tabeng e mpe, hobane kgosi e etsa seo e se ratang. |
Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.
Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.
ke pere e lokiseditsweng ntwa, le moribi, leha e le morena ha a tsamaya pela makgotla a hae.
Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;
Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?
ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.