Moeklesia 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ana mantswe a Mmoledi, mora Davida, morena wa Jerusalema. BIBELE Tsena ke dipolelo tsa Moruti, mora wa Davida, eo e neng e le kgosi motseng wa Jerusalema: |
o bile o beile baporofeta ho o bolela Jerusalema, ka ho re: Morena o teng Juda. Mme jwale, taba tseo di tla phetelwa morena; ha ho le jwalo, tloo jwale, mme re rere hammoho.
A ke a je tholwana tsa matsoho a hae, mme mesebetsi ya hae e mo rorise kgorong tsa motse.
Nna Mmoledi, ke ne ke le morena wa Iseraele, Jerusalema, mme ka nna ka sekamisetsa pelo ya ka ho batla le ho botsisisa ka hlalefo ntho tsohle tse etswang tlasa mahodimo.
Tadima sena seo ke se fumaneng, ho rialo Mmoledi, ha ke ne ke ntse ke nahana taba e nngwe le e nngwe, hore ke fihlele lebaka la yona.
Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;
Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, mme teng o tumise ditaba tseo ke o bolellang tsona.
mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;