Mareka 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laya hore ba se ke ba bolella motho seo ba se boneng, haese mohla Mora motho a seng a tsohile bafung. BIBELE Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung. Baasraak Sotho NT Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laela hore ba se ke ba bolella motho tseo ba di boneng, ho fihlela Mora motho a tsohile bafung. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laela hore ba se ke ba bolella motho tseo ba di boneng, ho fihlela Mora motho a tsohile bafung. |
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.
ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.
Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
A ba laya hore ba se ke ba bolella motho, empa ha a ba laile haholo, ya eba hona ba bolelang ka ho fetisisa.
Ba phakisa ba qamaka, empa ba se ke ba hlola ba bona motho e mong ho bona haese Jesu a nnotshi.
A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;
Yare lentswe leo le sa bua, Jesu a sala a nnotshi. Barutuwa ba kgutsa, ba se ke ba bolella motho, mehleng eo, letho la tseo ba di boneng.