O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.
Mareka 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a sisimoha moyeng wa hae, a re: Moloko ona o kopelang pontsho? Kannete ke a le bolella, ke re: Moloko ona ha o ka ke wa newa pontsho. BIBELE Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!” Baasraak Sotho NT Mme a fegelwa mo moweng wa gagwe, a re: “Ke ka ntlha yang fa losika lo lo batla sesupo? Kannete ke re ho lona: Ha ho mohlolo o tla newa moloko ona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme a fegelwa mo moweng wa gagwe, a re: “Ke ka ntlha yang fa losika lo lo batla sesupo? Kannete ke re ho lona: Ha ho mohlolo o tla newa moloko ona. |
O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.
Lekgatheng leo, bangodi le bafarisi ba bang ba re ho Jesu: Moruti, re rata re ka o bona o etsa mohlolo.
Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela.
A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
Mme a makala ke ho se dumele ha bona. A ntoo tjhalaka le metsana e kathoko, a ntse a ruta.
Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.