Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?
Mareka 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka. BIBELE Bafarisi ba tla, ba qala ho phea kgang le yena, mme ka ho mo leka, ba batla hore a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong. Baasraak Sotho NT Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho buisana le yena, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka. |
Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?
A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?
Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!
Lekgatheng leo, bangodi le bafarisi ba bang ba re ho Jesu: Moruti, re rata re ka o bona o etsa mohlolo.
Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka; yaba ba re ho yena: Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na?
Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?
Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng.
Tsatsing lona leo, basadusi, e leng ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,
Empa yena, ka ho lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang na? Ntlisetseng denare, ke e bone.
Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jelang le balekgetho le baetsadibe, o nwelang le bona?
Yaba moruti e mong wa molao o ema, a leka Jesu, a re: Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?
Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?
Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.
Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.
Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.