Mareka 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe. BIBELE Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!” Baasraak Sotho NT Ekare ha e mong a e-na le ditsebe ho utlwa, a utlwe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha e mong a e-na le ditsebe ho utlwa, a utlwe. |
Ha ho letho le kantle ho motho le ka tsebang ho mo silafatsa, ha le kena ka ho yena; empa tse tswang ka ho motho, ke tsona tse mo silafatsang.
Yare ha a kene tlung, a tlohile ho bongata, barutuwa ba hae ba mmotsa setshwantsho seo.
Tse ding tsa wela mobung o motle; tsa mela, tsa beha ha lekgolo. Yare hobane a bolele tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.