leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
Mareka 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba mpe ba rwale meqhathatso, mme ba se ke ba apara kobo tse pedi. BIBELE ba rwale meqathatso, ba se ke ba apara diaparo tse pedi. Baasraak Sotho NT Empa le roale meqathatso; le se ke la apara diaparo tse pedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa le roale meqathatso; le se ke la apara diaparo tse pedi. |
leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.
A re ho bona: Hohle moo le kenang tlung ha e mong, le dule teng, le tle le be le tlohe teng.
a ba laela, hore ba se ke ba nkela tsela letho, haese lere feela; ba se ke ba nka mokotla le bohobe, leha e le tjhelete ya koporo ka maqhaameng a bona;
Lengeloi la re ho yena: Itlame letheka, o rwale le meqathatso ya hao. A etsa jwalo. La ntoo re: Apara kobo ya hao, o ntatele.