Hobane ho itswe ke Jehova ho batho ba Juda le ho ba Jerusalema: Kgathang thite ya lona, le se ke la jala meutlweng.
Mareka 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ha e hola, ya di pupetsa, tsa sitwa ho beha dijo. BIBELE E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa, ya se ke ya beha. Baasraak Sotho NT Tse dingwe tsa wela mo mitlweng, mme mitlwa ya gola, ya e hupetsa, mme ya se ka ya ungwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tse dingwe tsa wela mo mitlweng, mme mitlwa ya gola, ya e hupetsa, mme ya se ka ya ungwa. |
Hobane ho itswe ke Jehova ho batho ba Juda le ho ba Jerusalema: Kgathang thite ya lona, le se ke la jala meutlweng.
Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.
Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha dijo; hlaku e nngwe ya beha tse lekgolo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse mashome a mararo.
Tse ding tsa wela mobung o motle, tsa beha dijo, tsa mela, tsa hola; e nngwe ya beha tse mashome a mararo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse lekgolo.
A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.
Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;
Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.