Hlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu.
Mareka 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho jwalo le ba amohetseng peo majweng; ke bao ereng ha ba utlwile lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo; BIBELE Peo e jetsweng mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo, Baasraak Sotho NT Mme ba jwalo ke ba ba jadilweng lejweng; bao, ha ba utloile lentsoe, ba phakisa ba le amohela ka thabo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ba jwalo ke ba ba jadilweng lejweng; bao, ha ba utloile lentsoe, ba phakisa ba le amohela ka thabo; |
Hlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu.
Ba pela tsela, moo lentswe le jalwang teng, ke bao, ereng ha ba le utlwile, Satane a phakise a tle ho bona, mme a ba amohe lentswe le jadilweng pelong tsa bona.
ba mpa ba se na motso ka ho bona, e le ba motsotso o se okae feela; mme ha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, ba phakise ba kgoptjwe.
hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.
Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.
Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae.
Le yena Simone a dumela, mme a kolobetswa; o ne a kgomarela Filipi; mme o ne a tsota ha a bona mehlolo le meeka e mengata e etswang.