Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.
Mareka 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho; BIBELE A re ho bona: “Lona le senoletswe sephiri sa Mmuso wa Modimo, empa ho ba kathoko, tsohle di tla ka ditshwantsho, Baasraak Sotho NT A re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo; |
Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.
Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona di lehlohonolo, hobane di a utlwa.
Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.
A mpa a ba biletsa ho yena, a ntoo ba bolella ka ditshwantsho, a re: Satane a ka leleka Satane jwang?
Ha a le kathoko, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa setshwantsho seo.
A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.
Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?
Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.
wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;
le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang ka nqeng ya ba kantle, mme le se ke la hloka letho.
Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.
Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.