Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.
Mareka 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a le kathoko, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa setshwantsho seo. BIBELE Yare ha a le inotshi, ba neng ba ena le yena, mmoho le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa tsa ditshwantsho tsena. Baasraak Sotho NT Eitse ha a le mong, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi ba mmotsa ka setshwantsho seo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a le mong, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi ba mmotsa ka setshwantsho seo. |
Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.
Yaba o ba bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: Bonang, mojadi o ne a tswile ho ya jala.
Hobane Jesu a kgutlise bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re qaqisetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo.
Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;
O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.
Yare ha a kene tlung, a tlohile ho bongata, barutuwa ba hae ba mmotsa setshwantsho seo.