La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mareka 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo.

Ver Capítulo

BIBELE

le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane; le mathoko a Tire le Sidone, ha le utlwa tse kgolo tseo a di etsang, la tla ho yena.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane; le mathoko a Tire le Sidone, ha le utlwa tse kgolo tseo a di etsang, la tla ho yena.

Ver Capítulo



Mareka 3:8
18 Referencias Cruzadas  

Moradi wa Tire o tla o nyehela, ba baholo hara setjhaba ba o ananele.


Hara ba ntsebang ke tla bala Egepeta le Babilona; Filestia ke eo le Tire, le Ethiopia; di tswaletswe teng.


Hobane lerumo la ka le tahilwe lehodimong; bonang, le tla theohela hodima Edomo le hodima setjhaba seo ke se neetseng thohako.


Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!


Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.


Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.


Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;


A boela a tloha naheng ya Tire, a leba nqa lewatleng la Galelea ka la Sidone, a haola naha ya Dekapolise.


Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona;


Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.


Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure;