Mareka 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme o ne a e laya haholo, hore e se ke ya mmolela. BIBELE Empa a e laya ka thata hore e se ke ya etsa hore a tsejwe. Baasraak Sotho NT A ba laya haholo hore ba se ke ba mo tsebahatsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba laya haholo hore ba se ke ba mo tsebahatsa. |
Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.
A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.
A etsa jwalo ka matsatsi a mangata; empa Pauluse ha a kgathetse ke hona, a reteleha, a re ho moya: Ke o laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Yaba o tswa ka yona nako eo.