Empa Jehova a otla Faro le ntlo ya hae ka dikotlo tse kgolo ka baka la Sarai, mohatsa Abrame.
Mareka 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame. BIBELE hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame. Baasraak Sotho NT Hobane o ne a fodisitse ba bangata; hoo bohle ba neng ba na le dikotsi ba neng ba mo petetsa hore ba mo ame. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ne a fodisitse ba bangata; hoo bohle ba neng ba na le dikotsi ba neng ba mo petetsa hore ba mo ame. |
Empa Jehova a otla Faro le ntlo ya hae ka dikotlo tse kgolo ka baka la Sarai, mohatsa Abrame.
Empa nama ha e sa ntse e le menong a bona, e eso ho hlafunwe, kgalefo ya Jehova ya tukela setjhaba, mme Jehova a otla setjhaba ka kotsi e kgolo haholo.
Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.
Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.
Kahohle moo a kenang teng, metsaneng le metseng e meholo, le naheng, ba bea ba kulang mapatlelong, ba mo rapela, hore ba ke ba ame leha e le qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.
Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.
A kena ho se seng, e leng sa Simone, mme a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Yaba o dula sekepaneng, a ruta matshwele.
Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.
Molaodi wa lekgolo o ne a ena le mohlanka ya kulang, ya leng makgatheng a ho shwa, eo a mo ratang haholo.
Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.
ha ba ha tliswa ba kulang diterateng, ba bewa malaong le diphateng, hore, etlere Petrose ha a feta, ba bang hara bona ba mpe ba sirelwe ke seriti sa hae.
hobane Morena o ye e laye eo a mo ratang, mme a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.