Mareka 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Enwa o buelang jwalo? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang motho dibe, haese Modimo o nnotshi? BIBELE “Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?” Baasraak Sotho NT Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela? |
Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.
Empa ho Morena, Modimo wa rona, ho na le mohau le tshwarelo, hobane re ikgantsheditse yena.
Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.
Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.
Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?
Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?
Ba dutseng le yena dijong ba qala ho ipuella, ba re: Enwa ke mang, ha a bile a tshwarela batho dibe?
Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo.
haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?