Mareka 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ema kapele, a nka diphate, a tswa pontsheng ho bona bohle. Ba hlollwa bohle, ba rorisa Modimo, ba re: Ha re eso ho ka re bona ho jwalo! BIBELE Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!” Baasraak Sotho NT A tsoha hanghang, a nka diphate, a tswa kapele ho bona bohle; ba ba ba hlollwa bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Ha re eso ho bone ka mokgwa oo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tsoha hanghang, a nka diphate, a tswa kapele ho bona bohle; ba ba ba hlollwa bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Ha re eso ho bone ka mokgwa oo. |
Yaba bongata boo bo a makala, ha bo bona dimumu di bua, le dihole di ena le mmele o motle, le dihlotsa di tsamaya, le difofu di bona, mme ba rorisa Modimo wa Iseraele.
Mme ha ho lelekilwe motemona semumu sa bua; bongata ba makala, ba re: Taba e jwalo ha e eso ho ka e bonwa Iseraeleng!
Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.
E mong wa bona, eitse ha a fihlela hobane o fodile, a kgutla le mehlala ya hae, a ntse a rorisa Modimo ka lentswe le leholo;
Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.
Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.
Ba bangata hara bongata ba dumela ho yena, ba re: Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsweng ke enwa na?
Ha ho eso ho utlwahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ya tswetsweng e le sefofu.
Jwale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la setjhaba; hobane bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka baka la se entsweng.