A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.
Mareka 16:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se sesweu; mme ba tshoha. BIBELE Ha ba kena ka lebitleng, ba bona mohlankana ya dutseng ka lehlakoreng le letona, a apere seaparo se sesweu, mme ba makala. Baasraak Sotho NT Yare ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se selelele se sesweu; mme ba tshoha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se selelele se sesweu; mme ba tshoha. |
A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.
Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.
Sefahleho sa lona se ne se le jwaloka lehadima, seaparo sa lona se le sesweu jwaloka lehlwa.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.
A ntoo ya le Petrose, le Jakobo, le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tsieleha.
Empa ha ba tadima, ba bona hoba lejwe le se le phikolositswe; athe le ne le le leholo haholo.
Morutuwa e mong ya neng a fihlile pele lebitleng, le yena a kena, a bona, mme a dumela.