a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.
Mareka 16:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha ba tadima, ba bona hoba lejwe le se le phikolositswe; athe le ne le le leholo haholo. BIBELE Yare ha ba tadima, ba bona lejwe le se le phikolositswe; le ne le le leholo haholo. Baasraak Sotho NT Yare ha ba tadima, ba bona lejwe le phikolositswe, hobane le ne le le leholo haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba tadima, ba bona lejwe le phikolositswe, hobane le ne le le leholo haholo. |
a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.
Yaba ba ya, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejwe ka letshwao la bona, mme ba bea balebedi.
Ba ne ba botsana, ba re: Ke mang ya tla re phikolosetsa lejwe, ho le tlosa monyako wa lebitla?
Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se sesweu; mme ba tshoha.
Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.