Mareka 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka meso ya letsatsi le qalang veke, ba ya lebitleng, letsatsi ha le sa tswa tjhaba. BIBELE E sa le hoseng haholo, ka letsatsi le qalang beke, ba tla lebitleng ha letsatsi le tjhaba. Baasraak Sotho NT Eitse ha e sa le kameso, ka letsatsi la pele la beke, ba ya lebitleng ha letsatsi le chaba. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha e sa le kameso, ka letsatsi la pele la beke, ba ya lebitleng ha letsatsi le chaba. |
Eitse qetellong ya Sabatha, ha letsatsi le qalang veke le tla tjhaba, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla bona lebitla.
Eitse ha Sabatha a fetile, Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo, le Salome, ba reka dinoko, ba tle ba ye ho mo tlotsa.
Ba ne ba botsana, ba re: Ke mang ya tla re phikolosetsa lejwe, ho le tlosa monyako wa lebitla?
Ka tsatsi le qalang veke, e sa le kameso, ba ya lebitleng ho isa dinoko tseo ba di lokisetseng, ba ena le ba bang.
Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.