Mareka 15:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba baprista ba baholo ba mo qosa ka taba tse ngata. BIBELE Baprista ba baholo ba mo qosa ka tse ngata. Baasraak Sotho NT Baprista ba baholo ba mo qosa ka tse ngata, empa a se ke a araba letho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Baprista ba baholo ba mo qosa ka tse ngata, empa a se ke a araba letho. |
A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A araba, a re ho yena: O boletse teng.
Pilato a boela a mmotsa, a re: Na ha o arabe letho na? Bona, ba o qosa ka ditaba tse ngata hakakang!
Jwale, Pilato a batla kamoo a ka mo lokollang kateng; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya ipeang morena, o hana Sesare.