Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?
Mareka 15:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) E sa le hosasa, baprista ba baholo ba etsa morero le baholo, le bangodi, le lekgotla kaofela. Eitse hobane ba tlame Jesu, ba ya le yena, mme ba mo neela Pilato. BIBELE E sa le kameso, hoba baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le Ditsebi tsa Molao, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba mo kganna, ba mo neela Pilato. Baasraak Sotho NT Yare hosasane, baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le bangodi, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba tloha le yena, ba mo neela Pilato. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare hosasane, baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le bangodi, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba tloha le yena, ba mo neela Pilato. |
Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.
Eitse hobane bo se, baholo ba setjhaba, le baprista ba baholo, le bangodi, ba bokana, mme ba mo isa lekgotleng la bona.
Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla.