Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola, a seha diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, mme a ba kgutlisa ba le jwalo.
Mareka 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) A boela a romela ho bona mohlanka e mong; empa yena ba mo betsa ka majwe, ba mmata hlooho, mme ba mo kgutlisa ka dihlong. BIBELE A boela a romela mohlanka e mong ho bona; eo ba mmata hloohong, mme ba mo tlontlolla. Baasraak Sotho NT A boela a roma mohlanka e mong ho bona; yena ba mo betsa ka majwe, ba mo hlaba hloohong, mme ba mo kgutlisa a hlabilwe ke dihlong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A boela a roma mohlanka e mong ho bona; yena ba mo betsa ka majwe, ba mo hlaba hloohong, mme ba mo kgutlisa a hlabilwe ke dihlong. |
Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola, a seha diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, mme a ba kgutlisa ba le jwalo.
E, Modimo o tla bata hlooho ya bao e leng dira ho wona, lehata le sehlotho la ya itsamaelang dibeng tsa hae.
A boela a roma e mong; yena ba mmolaya. A roma ba bang ba bangata; ba otla ba bang, ba bang ba ba bolaya.
A eketsa a roma mohlanka e mong; le yena ba mo otla, ba mo hlabisa dihlong, mme ba mo kgutlisa a le feela.