A dula a itimile dijo ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, a ntoo lapa.
Mareka 11:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ka hosasane, ha ba etswa Bethania, a lapa. BIBELE Ka la hosasane, ha ba etswa Bethania, Jesu a ikutlwa a lapile. Baasraak Sotho NT Hosasane, ha ba etswa Bethania, a lapa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hosasane, ha ba etswa Bethania, a lapa. |
A dula a itimile dijo ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, a ntoo lapa.
A bonela hole sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya ka ho re, mohlomong a ka fihlela ho hong ho sona; empa, ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho, haese mahlaku feela; hobane e ne e se nako ya difeiye.
A lekwa teng ke Diabolose ka matsatsi a mashome a mane, a sa je letho ka matsatsi ao; a ntoo lapa ho feleng ha wona.
Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.
Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.