Mareka 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa tshimolohong ya hlolo ya dintho tsohle, Modimo o ba entse e le e motona le e motshehadi. BIBELE Empa ho tloha tshimolohong ya tlholeho Modimo o ile a etsa e motona le e motshehadi; Baasraak Sotho NT Empa ho tloha tshimolohong ya popo, Modimo o ba entse e le e motona le e motshehadi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ho tloha tshimolohong ya popo, Modimo o ba entse e le e motona le e motshehadi. |
Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi.
Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang.
Hobane mehla eo e tla ba ya mahlomola ao ho esong ho ka ho bonwa a makalo haesa le tshimolohong ya hlolo, ha Modimo o ne o hlola dintho, ho fihlela jwale, mme ho ke ke ha eba teng a jwalo le ka mohla o le mong.
Hobane tse sa bonweng tsa wona, e leng matla a wona a kamehla le bomodimo ba wona, di bonahala haholo, haesale dintho di hlolwa, ha ho lemohuwa mesebetsi ya wona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.
ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? Hobane, haesale ho eshwa bontate moholo, ntho tsohle di sa ntse di tiile, di sa le jwaloka qalong, ha di hlolwa.
Etlare ha bontata bona, kapa kgaitsedi tsa bona, ba tla ho le qosa pela rona, re tla re ho bona: Le ba hauhele bakeng sa rona, hobane ha re a ka ra ba hapela bohle basadi ntweng; haele lona, kamoo le sa kang la ba neela baradi ba lona kateng, ha le na molato.