Bosiung boo, Modimo wa iponahatsa ho Salomone, wa re ho yena: Kopa seo ke tla o nea sona.
Mareka 10:51 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a bua, a re ho sona: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Rabboni, a nke ke boele ke bone. BIBELE Jesu a se araba, a re: “O rata ha ke o etsetsang?” Sefofu sa re ho yena: “Morena, nke ke boele ke bone!” Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho yena: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Morena, ke tle ke boele ke bone. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho yena: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Morena, ke tle ke boele ke bone. |
Bosiung boo, Modimo wa iponahatsa ho Salomone, wa re ho yena: Kopa seo ke tla o nea sona.
Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.
Empa le se ke la tshwana le bona; hobane Ntata lona o tseba seo le se hlokang, le eso ho qele ho yena.
Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. —
Molaodi wa sekete a mo tshwara ka letsoho, a tswela thoko le yena, a mmotsa, a re: Taba ke efe eo o mpolellang yona?
Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.