Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.
Mareka 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a ba araba, a re: O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona. BIBELE Jesu a re ho bona: “O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona. Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho bona: O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho bona: O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona. |
Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.
A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.
Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.
Etlere motho ha a nkile mosadi, a mo nyetse, ha a sa kgahliswe ke yena, kahobane a fumane taba e mpe ho yena, a ke a mo ngolle lengolo la tlhalo, a le bee letsohong la mosadi eo, mme a mo kgutlise tlung ya hae.
Hobane ke tseba boikgantsho ba hao le molala wa hao o thata. Bonang, ha esita ke sa ntsane ke phela le lona kajeno, le nnile la ikgantshetsa Jehova, le tla ikgantsha haholo hakakang, ha ke se ke shwele!
Tseba hobane hase ka baka la ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa hao, a o neang lefatshe leo ho le rua; hobane o setjhaba se molala o thata.