Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.
Mareka 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, mme a nyala e mong, o a mo feba. BIBELE A re ho bona: “Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o mo sitelwa ka ho feba, Baasraak Sotho NT A re ho bona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a mo feba. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a mo feba. |
Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.
E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.
Ha ho le jwalo, ha a ka nyalana le monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; empa ha monna wa hae a shwele, o holotswe molaong, mme jwale, ha a ka nyalana le monna e mong, a ke ke a bitswa mofebi.
Mmele wa mosadi ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya monna; le mmele wa monna ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya mosadi.
Etlare hobane mosadi a tswe tlung ya hae, o tla ikela, a be le tokelo ya ho nyalwa ke monna e mong.
Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.