Mareka 1:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale. BIBELE Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!” Baasraak Sotho NT Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata; o hlweke. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata; o hlweke. |
Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.
Motho ya jewang ke lepera a tla ho Jesu, a mo rapela, a kgumama ka mangwele pela hae, a re: Ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.
A tsoha, a kgalemela moya, a re ho lewatle: Kgutsa, o re tu! Yaba moya o a kgutsa, mme kgutso e kgolo ya eba teng.
A tshwara letsoho la ngwanana, a re ho yena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetolwa: Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha.
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;
Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.